TOKOMANE E TSHOHLWANG YA MMUSO WA AFRIKA BORWA
MORALO WA TSOSELETSO YA BOITSHWARO
E HLOPHISEDITSWENG SEBOKA SA TSOSELETSO YA BOITSHWARO
DIAHELONG TSA DIFOFANE TSA WATERKLOOF.
HO FUMANA DINTLHA TSE DING TSE FETANG MONA IKOPANYE LE:
LEFAPHA LA BOKGABO, BOTJHABA, SAENSE LE THEKNOLOJI
FOUNU KE: +27 337-8387
MORALO WA TSOSELETSO YA BOITSHWARO
MOTHEO WA SEBOKA SA TSOSELETSO YA BOITSHWARO
MAKGABANE AO ELENG HONA A HLAHELANG A SETJHABA AO ELENG ONA KGUBU YA SEBOKA SA TSOSELETSO YA BOITSHWARO
MAKGABANE ANA A FETISWA KA TSELA E JWANG
MEKUTU E ETSWANG KE MMUSO HONA JWALE LE EO MMUSO O NANG LE BOKGONI BA HO E NKA TABENG ENA YA TSOSELETSO YA BOITSHWARO
BOIKEMISETSO BA SEBOKA SA TSOSELETSO YA BOITSHWARO
DIQETO TSE HABILWENG TSA SEBOKA SENA
Sepheo ka tokomane ena ke ho fumana dintlha tse tla bopa karolo ya boemo ba tokomane ya mmuso bakeng sa Seboka sena se habilweng sa Tsoseletso ya Boitshwaro. Pampiri e toba dintlha tse latelang ka ho ikgetha:
Motheo wa Seboka sa Tsoseletso ya Boitshwaro.
Makgabane a siretseng a tataisang katamelo ya mmuso ya Tsoseletso ya Boitshwaro
Mekgwa e lokelang hore e lokiswe ho kgothaletsa ntjhafatso ya boitshwaro ba Ma-Afrika Borwa.
Boikemisetso bo lohothwang le sephetho se lebeletsweng Sebokeng sa Tsoseletso ya Boitshwaro
MOTHEO WA SEBOKA SA TSOSELETSO YA BOITSHWARO
Ho qala mosebetsi ona wa Tsoseletso ya Boitshwaro, ke ntho ya bohlokwa hore ho hlaloswe pele se bolelwang ka Tsoseletso ya Boitshwaro e le hore ho tle ho fumanwe motheo o tshwanang bakeng sa dipuisano. Kgubung ya Tsoseletso ya Boitshwaro ho na le mohopolo wa boitshwaro bo botle. Ditsebi tsa boitshwaro di hlalosa boitshwaro bo botle e le melawana e amohelehang ka kakaretso ya boitshwaro mabapi le mekgwa ya boitshwaro ho latela kananelo ya sehlopha seo eleng setjhaba. Mona ho kenyeletswa makgabane le maemo a sehlopha se dumelanang le ona le sona. Ha taba ena e behwa ka tsela e bonolo, boitshwaro bo botjwa ka ditumelo tsa se lokileng le se nepahetseng eleng se kgonang ho kopanya batho ba nang le histori e tshwanang. Boitshwaro bo susumetswa ke dinnete tsa phedisano tseeo batho ba tobanang le tsona.
Ethiksi ke lentswe le ileng la hlaha ho filosofi ya boitshwaro le diprofeshene, mme ke lentswe le amanang le mohopolo wa boitshwaro. Ka dinako tse ding boitshwaro bo atisa ho ferekanngwa le mantswe ana a mang a supang boitshwaro bo botle. Le ha ho le jwalo ethiksi ke metheo e ka hloohong e supang diketso tse kgethollang tsebong ya {botle le ya bobe} tse etsuwang. Tsena tsohle di tataiswa ke boitelo ba ketso ya ho ikobela molao wa phedisano o ka amang makgabane a botho. Boitelo bona bo ka fumanwa mekgatlong ya dipolotiki, ya tumelo kapa e sa amaneng le ditumelo hohle historing ya ditjhaba.
Taba ya Tsoseletso ya Boitshwaro ke teko ya ho tlatseletsa mosebetsi wa ho tlisa phetoho e etsahalang Afrika Borwa. Setjhaba sa Afrika Borwa se ile sa fetoha haholo dilemong tsa bo-1990. Ho tloha ka selemo sa 1994 nakong ya dikgetho tsa demokrasi, mosebetsi wa phetoho o ne o tobisitswe ntlheng ya ho hlalosa botjha seabo sa mekgatlo ya dipolotiki e le ho theha puso e hlokang leeme ho latela botjhaba le leeme ho latela taba ya hore motho ke monna kapa ke mosadi, e thehilweng tlhokehong ya kgethollo le tlhompho ya ditokelo tsa botho e le hore ho tle ho etswe motheo wa setjhaba o thehilweng hodima toka. Diphetoho tsena e ne e le ha histori e fihlella sehlohlolo ka nako e telele ya twantsho tse neng di kenyeletsa matla a
Ma-Afrika Borwa a nang le boitelo ba hore ho thehwe setjhaba se nang le toka.
Ke ntlha e tsebahalang hantle hore kgethollo e ne e se feela taba ya ho hanela batho ba bangata ba Afrika Borwa ditokelo tsa dipolotiki. Kgethollo, e neng e tsheheditswe ke tumelo ya hore dintho di lokela hore di tsamaiswe ke batho ba banna, e ne e le hohle mekgatlong ya setjhaba mme e ile ya senya kgare ya boitshwaro ba setjhaba. Mokgwa ona o ne o thehilwe hodima:
Dikgoka tse hlophisitsweng tswa mmuso
Ho hlokisa baahi ba Afrika Borwa botho ba bona ho latela moelelo wa dikgoka tse tswelang pele le kgatello;
Mokgwa wa tshebetso ya hore basebetsi ba sebetse hole le hae ka tsela ya bohlakafollela o ile wa thuha malapa a neng a kopane;
Mokgwa wa tshebetso wa ho nwa basebetsi madi o ileng wa hlorisa le ho latella botho ba batho;
Mokgwa wa thuto o ileng wa hlolela ho fetisa makgabane le ditabatabelo tsa botho tse nepahetseng;
Mokgwa wa tumelo e neng e thehilwe hodima botjhaba e ileng ya hloleha ho nehelana ka boetapele ba nang le boitshwaro ba sebele;
Mokgwa wa ho dumela hore tsohle di lokela hore di etellwe pele ke banna o ileng wa tella seriti sa basadi le ho hlokisa basadi ba Afrika Borwa matla;
Boraditaba ba tsamaisang ditabana tseo eseng tsa nnete le dithetso, bao eseng sesebediswa sa ho kgothaletsa ntshetso pele ya makgabane a arolelanwang.
Ka moelelo, tlhophollo ya mohopolo wa karohano e ka hlakisa dipuisano tsa rona tsa tshusumetso eo kgethollo e ileng ya ba le yona setjhabeng sa Afrika Borwa. Karohano ena ke lentswe le hlalosang boemo boo motho a iphumanang ho bona a se a sa itsebe ka boyena kapa a sa tsebe ba bang setjhabeng sa habo. Mohopolo wa bonwamadi o na le nyehelo kutlwisisong ya karolo ya karohano ya phedisano. Bonwamadi bo etsahala ha motho e mong a ?sebedisa? ba bang, kapa sehlopha se le seng se ?sebedisa? se seng. Ha ntlha ena e tshetlehwa ka bokgutshwanyane, motho ya nwang madi a ba bang o tadima motho eo a mo nweleng madi e le sesebediswa feela. Ka lehlakoreng le leng, ya noweng madi o tadima ya mo nweleng madi e le matla a hlokang botho a laolang botho ba hae ba mantlha. Ntlha ena e feteletswa le ho feta ha ba nowang madi le ba nwang ba bang madi ba kgona ho ka kgethollwa jwaloka dihlopha tsa setjhaba.
Karohano e ile ya etsahala maemong a fapaneng a mabedi empa a na le kamano. Ntlheng ya pele, sena se etsahetse boemong ba dipoliki, moo maano a neng a etswa ke lequlwana la ba neng ba busa a ne a theolwa a hlaha hodima ho ya kena maemong ohle a tsamaiso e le ho laola le ho sebedisa matla ka tsela e fosahetseng. Ho na le moo maano a kgethollo a neng a sebetsa ka mokgwa wa ho nyolosa le ho theosa. Ntleng ya bobedi, karohano ya sebopeho se alang letsoho e ile ya sebetsa ho arola batho ba habo rona ka botjhaba le bomorabe. Ka tsela e tjena ho ile ha etswa hore ho be le lengope la letonanahadi la karohano setjhabeng. Motheong wa yona kgethollo e ne e hloka boitshwaro mme ka nako e fetang dilemo tse mashome a mane e ile ya matlafatsa metheo ya ho hloka boitshwaro e neng e se e ile ya behwa ke mokgwa o tlileng pejana wa bokolone. Ka bokgutshwanyane, tsela ya phedisano kaofela ya Afrika Borwa e ne e hloka kelello, e hloka boitshwaro ebile e sa tsamaelane le metheo ya mantlha, ya toka, ya tekano, ya tokoloho, ya botshepehi, ya nnete le ya kutlwelobohloko e fuperweng ke ditumelo tse kgolo tsa tumelo tsa lefatshe.
Ho tlatlapuwa ha boitshwaro bathong ba bangata ba Afrika Borwa ho siile ka mokgwa o hlakileng matshwao a bonahalang a setjhaba se nang le tlhoko e potlakileng ya mekutu e habilweng le e bonahalang ya ho atolosa bonamo ba mosebetsi wa phetoho e ka hodimo ho ditlhaloso tse ntjha tsa mekgatlo ya rona ya dipoloki. Ntwa ya tshimoloho le ho boloka ka nako yohle makgabane a arolelanwang setjhabeng sa rona ke phephetso ya ka nako e telele eo re lokelang ho tobana le bothata bona ka yona. Matshwao a mang a sena a kenyeletsa maemo a hodimo a-
dipolayano tlatlapo le boshodu peto tlhekefetso ya basadi le ya bana tlhekefetso ya batho ba qhwadileng tlhekefetso ya maqheku tlhekefetso ya ka malapeng tshebediso e fosahetseng le e jeleng setsi ya tahi le dithethefatsi thekiso ya dithethefatsi tshebediso ya ofisi ya setjhaba ho iketsetsa mosebetsi wa hao moo o unang molemo boweneng ba hao tlolo tsa molao ke batho ba ditulong tse hodimo
Matla a boemo bona a hlahela le ho feta ha dipalopalo tsa batshwaruwa ba ditjhankaneng di nkellwa hloohong. Ditjhankane tsa Afrika Borwa di subuhlellane ka diphesente tse fetang 70 tsa batshwaruwa, mme batlodi ba molao kaofela ba moo ba 176 000. Le ha palo ena e emetse batshwaruwa ba kahare ho tjhankane, ho boetse ho na le batshwaruwa ba seng ba fuwe kahlolo ba 73 000 ba amehang ditshebeletsong tsa setjhaba. Batshwaruwa ba fetang 4 000 palong ena ya batshwaruwa ke batshwaruwa ba ka tlase ho dilemo tse 18. Mashome a dikete tsa batshwaruwa ba dilemong tse dipakeng tsa 18 le 25. Ditlolo tsa molao tse etsahetseng bongata ba tsona ke tsa sebopeho sa tshebediso ya dikgoka, ho kenyeletswa le dipolao, peto, ditlatlapo, jwalo jwalo. Bongata ke bana ba kgasang, maqheku le basadi bao eleng diphofu ditlolong tsena tsa molao.
Ke ntlha ya bohlokwa ka ho qoholleha hore boemo ba phedisano ha mmoho le ba moruo boo ditlolo tsena tsa molao di etsahalang tlasa bona bo nkellwe hloohong. Batho ba bangata ba Afrika Borwa ba dula ba futshenehile haholo. Bofutsana bo na le seabo se seholo tlokotsing ena ya boitshwaro naheng ena.
Le ha matshwao a ka hodimo a bonahala ka ho hlaka, ho na le matshwao a siretseng a mathata a boitshwaro ao Tsoseletso ya Boitshwaro e lokelang ho a toba. A kenyeletsa:
ho theola boemo ba batho kgethollo methehong e meholo ya setjhaba;
kgethollo ho latela hore motho ke mosadi kapa ke monna jwalo ka ha Ma-Afrika Borwa a mangata a etsa bophelong ba bona ba letsatsi le leng le le leng, le metheong ya setjhaba le taba ya ho hodisa bana;
Ho se natse le ho sebedisa hampe Bili ya Ditokelo;
Ho senyeha ha lelapa jwalo ka sebaka sa bohlokwa sa phedisano;
Dikgeo tse kgolo dipakeng tsa ?ba nang le hona? le ?ba hlokang?;
Tlwaelo e fokolong ya ho sebetsa;
Tlwaelo ya boithuiso;
Tlhokeho ya nnete le botshepehi hara batho ba bang ba ditulong tse nang le tshusumetso;
Maikutlo a ho bona ka moo mosebetsi wa ho finyeletsa ditshebeletso bathong ba futsanehileng o tsamayang butle ka teng;
Tlwaelo ya kutlwisiso ya hore re tlamehile ho fumana dintho tse itseng;
Bosebedisi le ho rata dintho tse bonwang ka mahlo;
Maemo a hodimo a bofuma.
Tsoseletso ya Boitshwaro e lokela hore e sebetsane le diphephetso tsena. Ke karolo ena ya mosebetsi wa phetoho eo Tsoseletso ya Boitshwaro e lokelang ho sebetsana le yona. Bosetjhaba bo bong le bo bong bo itshetlehile khoutung ya boitshwaro e kgothaletsang boitshwaro bo nepahetseng, le bo hahang ekasitana le ho se kgothaletse diketso tse kotsi.
Le ha kgethollo, mohopola wa ho dumela hore tsohle di lokela ho okamelwa ke banna le tlhokeho ya tekano setjhabeng ke dintho tseo hantlentle e leng tsona tse jarang boikarabelo ba tlokotsi ya boitshwaro ba setjhaba sa rona bo nyehlileng, ntho e nngwe e hlakang ke hore teko efe kapa efe ya Tsoseletso ya Boitshwaro e tla lokela hore e nkelle hloohong tshusumetso tse tswang ka mose ho meedi ya rona. Ka ho ikgetha, leqhubu la ho kopanya lefatshe ho le etsa ntho e le nngwe mabapi le taba ena. Dilemo tsa bo dikete tse leshome le metso e robong le tsa bo-dikete tse mashome a mabedi di ile tsa potlakisa phetoho ho tloha setjhabeng se lekanang ho isa setjhabeng sa indastri. Dilemo tsa dikete tsa bomashome a mabedi a motso o mong di hlahisa mekgwa e fapafapaneng ya phetoho e akofiswang dikarolong tsohle tsa bophelo. Lefatshe le bona ka moo mahlale a tlwaelehileng le a amohelehileng, ditsela tsa phedisano tsa boholoholo, ditabatabelo le makgabane a setjhaba di hoholehang ka teng ka hanyane hanyane le ka tsela e itseng.
Ho kopanya mekgwa ya tsebo ya lefatshe, ka ho ikgetha, ke ntho e tseleng ka mokgwa o batsi ho latela ka moo ditsela tsa basebedisi ba Bophirimela le boraditaba ba bangata ba Amerika ba kenakenang lefatshe lohle ka teng. Phephetso e kgolo ya ho etsa lefatshe ntho e le nngwe ke hore baetsana ba mohopolo oo, metheo le mekgwa ke dintho tse batlang di sa tsamaelane. Ke ntho tse hlokang boikarabelo mme ka dinako tse ding ke ntho tse sebetsang ntle le taolo, ha ho nkellwa hloohong bosiyo ba melawana e sebetsang hantle le e nang le boikarabelo ya taolo. Qetellong, tsela tsa bophelo hohle di a hoholeha mme ho ba le ditlolo tsa molao tse hlophisitsweng, bobodu, thekiso ya dithethefatsi, dipapatso tse nyontshang, ponografi e fumanehang inthaneteng, le ho tlalatlala ka potlako ha mahloko a tshwaetsang hohle lefatsheng le ka tsela e bonolo ho feta pele.
Bothata bo boholo ka ho kopanya lefatshe ho le etsa ntho e le nngwe ke hore lesedi le lengata le a tlalatlala le akaretsang dikarolo kaofela tsa bophelo ba rona le fupereng monyetla o moholo wa tshenyo e kgolo ntle le maemo a boitshwaro a hlokehang a tsamaelanang le hona a tla kgona ho lwantshana le maemo ao.
Ho boetse ho na le sekgeo se seholo sa botjhaba se kgothaletswang ke matla a ho kopanya lefatshe ho le etsa ntho e le nngwe. Naha ya rona ka ho leka ho kena phehisanong ya ntho ena ya ho kopanya lefatshe le ho ba monyehedi ya nang le moelelo ditabeng tsa matjhaba e ile ya e ba e nngwe ya tse saenetseng dilekane tse fapafapaneng tsa matjhaba, le ho amohela ditlwaelo tsa maikutlo a bulehileng a ho kopanngwa ha lefatshe le ho fedisa melawana e sitisang kgwebisano e ntle.
Ha re nkella hloohong tlhaloso e ka hodimo mme re tehela ka thoko taba ya kgethollo, re hloka tlhatlhobo e matla, le ho lekola botjha ekasitana le ho hlwela hape boemo ba boitshwaro ba setjhaba. Ntle le tikatiko ntho ena e etsa hore ho ntjafatswe boitshwaro ba setjhaba sa habo rona. Ke ka hoo ho nnileng ha buuwa ho sa kgaotswe ka ?Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro?, eleng sesupo sa mekgwa le moya ha mmoho le ho tsitlallela Boitshwaro bo hodimo ba setjhaba.
Metheo ya Ntjhafatso ya Boitshwaro e fuperwe ke Molao wa Motheo o motjha. Molao wa Motheo ke teko ya ho theha tsela ya boitshwaro bo botjha bakeng sa naha ya rona. Ho na le dikarolo tse ngatanyana Molaong wa Motheo tseo ka ho ikgetha di buwang ka taba ya ntjhafatso ya kgare ya boitshwaro ba setjhaba sa habo rona. Puo ya selelekela Molaong wa Motheo e bolela hore ? Rona, batho ba Afrika Borwa, re ananela tlhokeho ya toka e ileng ya hlahela nakong ya rona e fetileng, re amohela Molao ona wa Motheo e le molao o ka sehloohong wa Riphaboliki ?? o ?. tla phekola dikarohano tsa nakong e fetileng mme o thehe setjhaba se tsepamisitsweng hodima ditabatabelo tsa demokrasi, toka setjhabeng le ditokelo tsa botho tsa motheo????
Bili ya Ditokelo, Kgaolo ya 2 ya Molao wa Motheo, e na le makgabane a mangatanyana a bohlokwa a rarollang ka tsela e qoholehileng ditaba tsa motheo tsa boitshwaro. Mona ho kenyeleditswe:
Tekano {s. 9}
Bophelo {s.11}
Tokoloho le tshireletso ya motho {s. 12}
Ditokelo tsa moruo, phedisano le tsa botjhaba {ss. 22 ? 31}
Ka ho beha fatshe metheo ena, Molao wa Motheo ha o a fa mmuso boikarabelo feela ba ho hlompha baahi, empa hore baahi ba hlomphe ditokelo tsa ba bang. Bohle Afrika Borwa mona re tlameha ho hlompha ditokelo tsa batho ba bang bao re phelang le bona, ba batsho le makgowa, banna le basadi, batjha le ba baholo.
Mmuso o hlokwa hore o kgothaletse makgabane a fuperweng ke Bili ya Ditokelo ka mokgwa o sebeletsang ho loka ka kakaretso le ditabatabelo tsa setjhaba. O na le boitlamo ba ho kgothaletsa makgabane a Molao wa Motheo le Bili a Ditokelo. Hore makgabane ana a be le moelelo wa sebele banneng le ho basadi ha mmoho le ho bana bophelong ba bona ba ka mehla, a lokela hore a rutwe dibakeng tse sebetsang eseng dibakeng tse sa sebetseng hantle kapa tse hlolehileng ho sebetsa. Seabo sa bohlokwa sa mmuso leweng la makgabane ke ho nehelana ka tshehetso e hlokang leeme, e nang le toka le e sa jelleng phathe metheong e fuweng matla ho latela molao wa motheo hore e ka ruta makgabane ana le hore a ithutwe.
Disebediswa tse ding tsa bohlokwa tsa Tsoseletso ya Boitshwaro ke dikarolo tse ding tse ntjha tsa mmuso tse kang Lekala la Molao le Toka Kgaolong ya 8 le Tsamaiso ya Setjhaba Kgaolong ya 10. Kgaolo ya 9 ya Molao wa Motheo le yona e hlomamisitse metheo e tshehetsang demokrasi jwaloka Mosireletsi wa Setjhaba; Khomeshene ya Ditokelo tsa Botho; Khomeshene ya Ntshetsopele le Tshireletso ya Ditokelo tsa Bosetjhaba, Mekgatlo ya Bodumedi le Puo; Khomeshene ya Tekano ya Bong; Mohlakisi wa Kakaretso; Bolaodi bo Ikemetseng ho laola Kgaso; le Khomeshene e Ikemetseng ya Dikgetho. Mekgatlo ena e lebeletswe hore e kgothaletse le ho tshireletsa ditabatabelo tse fuperweng ke Molao wa Motheo.
Kgaolo ya 10 ya Molao wa Motheo ka ho qoholleha e buwa ka Tsamaiso ya Setjhaba. Karolo ya 195 ho (a), (c) le (I) e etsa monyetla wa hore ho thehwe tsamaiso ya setjhaba e thehilweng hodima makgabane a matjha a tshebeletso ya setjhaba moo ho tla beng ho sebetswa ntle le leeme le ka bokgabane.
Mmuso o ntsheditse pele le Metheo ya Batho Pele a reretsweng ho kgokgothela ka hare ho dihlooho tsa batho makgabane a matjha ha ho nehelanwa ka ditshebeletso tsa setjhaaba. Batho Pele sepheo sa yona ke ho toboketsa mohopolo wa tshebeletso, tlhompho ya baahi, ho nehelana ka ditshebeletso ho setjhaba ka mokgwa o babatsehang, ha mmoho le makgabane a mang. Metheo ke ena:
Ditherisano: Baahi ba lokela hore ba reriswe ka boemo le khwalithi ya ditshebeletso tsa setjhaba tseo ba di amohelang, mme moo ho kgonehang, ba fuwe boikgethelo ba ditshebeletso tseo ba di fuwang.
Maemo a Tshebeletso: Baahi ba lokela hore ba tsebiswe hore ke boemo le khwalithi efe ya ditshebeletso tsa setjhaba tseo ba tla di fumana e le hore ba tle ba lemohe hore ba lebelle eng.
Ho finyella ditshebeletso: Baahi kaofela ba lokela hore ba fumane monyetla o lekanang wa ho fumana ditshebeletso tse ba loketseng.
Mosa: Baahi ba lokela hore ba sebeletswa ka mosa le ho ba nahanela.
Tsebo: Baahi ba lokela hore ba fumane tsebo e phethahetseng le e nepahetseng ka ditshebeletso tseo ba lokelang hore ba di fumane.
Ho bonaletsa le ho se lobe ditaba: Baahi ba lokela hore ba bolellwe hore mafapha a naha le a diprovense a tsamaiswa jwang, a qosa bokae, le hore ke mang ya jarang boikarabelo.
Tharollo: Ha boemo boo ho tshepisanweng ka bona ba tshebeletso bo sa fumanehe, ho a hlokeha hore ho kopuwe tshwarelo ho baahi , ho nehelanwe ka tshebeletso e phethahetseng, ho fumanwe tharollo e sebetsang ; mme ha ho na le ditletlebo tse teng, baahi ba lokela hore ba mamelwe ka kutlwelobohloko le ka nepo.
Boleng ba tjhelete: Tshebeletso tsa setjhaba di lokela hore di etswa ka mokgwa o baballang tjhelete le o nepahetseng e le ho fa baahi boleng bo loketseng ba tjhelete ka hohle ka moo ho ka kgonehang.
Mehopolo ya Vukuzenzele le Letsema ke a mang a matsholo a bohlokwa kgothaletsong ya dilekane tse etswang le setjhaba ka kakaretso. Mookotaba o toboketsa dilekaneng tsa mmuso le setjhaba mahlakoreng ohle le batho ho latela motheo wa ho itahlela ka setotswana ka ho phethahala mananeong a tshebetso. Mehopolo ena e tsosa moya wa ho intsha sehlabelo le boikarabelo ba boahi. E toboketsa mosebetsi wa ho haha setjhaba ka moelelo wa ho tshwarana ka matsoho ho sebetsa ha mmoho ho fothola ka metso ho hloka tekano ha nakong e fetileng.
Mmuso, ka tshebedisano le baahi setjhabeng, o se o nkile mehato ya ho lwantsha diphephetso tse fumanehileng Molaong wa Motheo. Ntle le mekutu e tswelang pele, haholo boemong ba mafapha, ho rarolla taba ya dikarolo tse fapaneng tsa Tsoseletso ya Boitshwaro, boiteko bo akaretsang ba ho sebetsana le Tsoseletso ya Boitshwaro ka mokgwa o batsi e ile ya ba ho epa pitso tsa diwekshopo tse pedi mathwasong a selemo sa 2000. Wekshopo ya pele e ile ya tshwarwa ka Tlhakola selemong sa 2000, mme e ile ya lelekela ka hore Tsoseletso ya Boitshwaro ke taba ya bohlokwa e hlokang hore ho tebiswe maikutlo haholo ho yona. Maikutlo boholo a ile a tsepamiswa tlhalolosong ya bothata. Wekshopo ya bobedi e ile ya tshwarwa ka Motsheanong selemong sa 2000, yona e ile ya kenyeletsa boemedi bo batsi ho feta, mme e ile ya ananela bobatsi ba taba ena e tshohlwang. Ho ile ha ba le maikemisetso wekshopong yona ena hore ho tla ntshetswa pele Moralo wa Naha wa Tsoseletso ya Boitshwaro. Le ha ho le jwalo, ho ile ha ananelwa le ho feta wekshopong ena hore ho na le tlhokeho e potlakileng ya ho kenyeletsa mafapha ohle a mmuso mekutung ena, ho haha tshehetso e matla ya setjhaba bakeng sa mekutu ena, ho fetola dikolo tsa rona ditikoloho tsa boitshwaro, ho hulela karolo ya kgwebo dipuisanong tsena, le ho etsa monyetla wa hore ho kenyeletswe ka tsela e batsinyana karolo ya bodumedi tabeng ena. Wekshopong mona ho ile ha hlohlomiswa dikarolo tse ngatanyana tsa bohlokwa ho latela bohlokwa ba tsona.
Boithaopo bo bong boo ho bona mmuso o ileng wa ba le seabo e ile ya e ba Seboka sa Lefatshe se neng se tshwerwe ka 2000 moo ho neng ho thehilwe maikutlo Kgethollong ya Botjhaba, Kgethollong ya batho bao eseng ba kwano Afrika Borwa le dibopehong tse ding tsa kgethollo e kekeng ya emelwa.
Mekgwa e hlalositsweng ka hodimo e supa boikitlahetso bo boholo bo nkuwang ke mmuso ho ntshetsa pele mokgwa o motjha wa tabatabelo tse arolelanwang tse tobisitsweng Tsoseletso ya Boitshwaro.
Boikitlahetso ba pele boikitlahetsong ba sehlooho bo boletsweng ka hodimo ke ba ho seholla ka mokgwa o totobetseng boemo ba phedisano bo hlokang boitshwaro bo botle le ho ananela boitsebo bo mmoho ba Afrika Borwa ho latela ka moo bo lohothwang ka teng Molaong wa Motheo. Ho potlakela ho tlotlisa Afrika Borwa jwalo ka ?Setjhaba sa Mookodi? ho batla ho le kotsi, empa le ha ho le jwalo ke letshwao le sebetsang le leng le supang boitshwaro bo botjha, bo amang le bo kenyeletsang bohle. Bo tla seolla dintho tse tshwanang le dikgoka, bobodu, peto ya bo mmarona, bana le masea, ho tetekwa ha balekane ba rona le basadi ba rona, le ho nwa madi a bafutsana. Dintho tsena tse mpe ho tsena kaofela di hloka hore rona kaofela re lekole phethahatso e kgonehang ya botle bo akaretsang bo thehilweng bothong ba rona. Dipale tsa Se-Afrika di bitsitse Botho/Ubuntu bona e nngwe ya makgetholli a mekgwa ya rona ya makgabane a phedisano ya batho. Dintho tse kang tshwantshanyo, maele, le ditabatabelo, ditshomo tsa histori le dipale ke tsona tse tlisang kgopolo e jwalo. Le ha ho le jwalo, meetlo le makgabane a bosetjhaba bo itseng a tsepamisa tsela eo motho a lokelang ho etsa dintho ka yona. Meetlo le ditlwaelo tsena di atisa ho bitswa ?ditlwaelo tsa bohlokwa tsa bophelo?. Dinakong tse ngata, ditlwaelo tsena tsa bohlokwa tsa bophelo ke tsona tse tsepamisang botle le bobe ba ketso e itseng. Tsena ke tlhahiso feela ya bosetjhaba ba motho mme ha se tsona tse lokelang hore di tsepamise botle kapa bobe ba ketso. Setjhaba sa Mookodi se hloka ho tiisa hore ditlwaelo tse ding tse itseng tsa bophelo haholo tse amanang le boemo ba phedisano le basadi, di a fetolwa hore di tsamaelane le tsa Molao wa Motheo mme di suthe katamelong ya botjhaba di fihlele tekano le matlafatso tse hopotsweng ho latela Molao wa Motheo.
Ntlha ya bobedi, ke boikitlahetso ba ho kgothaletsa makgabane a kutlwelobohloko, nnete, tokoloho, kgotso le toka ha mmoho le tlhomphano.
Qetellong, Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro ke boitlamo boo mohlodi wa bona wa mantlha eleng Molao wa Motheo. Nnete ke hore ke tsela e ntjha ya bophelo, e tla etsa hore ho be le mehlala ya batho ba nnete setjhabeng sa rona e le ho fedisa bobodu bona bo jang setsi le ho tebisa maikutlo ditlhokong tsa batho ba tlokotsing ka ho fetisisa bathong ba Afrika Borwa.
MAKGABANE A FETISETSWA HO BA BANG JWANG
Batho ba ithuta makgabane ana hobane a hlokeha, ka tabatabelo le ka ho iphumana o le ka hare le ho amana le batho ba bohlokwa mme ke makgabane a bohlokwa ho bona qetellong. Makgabane a meloko ka ho fapana a tshwarellang nako e telele ke ao hangata a amanang le mokgwa wa boiphediso le kgolo ya batho jwalo ka batho ba teng, a jwalo ka a laolang ditlwaelo tse sa amoheleheng tsa mofuta wa mokoko o itswallang ditholo hara batho, ho ja nama ya batho ba bang le dipolao, eleng makgabane ao ditsebi tsa thuto ya dimela le diphoolo (Baoloji) di re bolellang hore ke dintho tse fumanehang ka morao ho nako e itseng le sebaka, ekasita le bathong ba fapaneng ba sa kang ba kopana ho hang. Mehlala ya morao tjena ke makgabane a boitshwaro a ditaba tsa thobalano tse ntseng di fetoha twantshong ya boitshwaro bo tlang pele ho nako bo tswalwang ke AIDS.
Re boetse re ithuta makgabane hobane ntho e nngwe e re kganna ka morao, e etsa hore moya o be le tabatabelo, jwalo ka boqapi ba mefuta e fapaneng, ho fumana se bolelwang ke bophelo, ho tsoma nnete; lerato la ho bala, ho etsa mosebetsi o lokileng ha mmoho le lerato la naha ya heno, botshepehi le tsepahalo.
Re boetse re ithuta re sa lebella, mohlomong re sa hlokomele, mehlala e hapang maikutlo bathong ba bang ntle le ho nahana haholo ka dintho tsena, mme ka moetlo, thuto ya sekereke le qobello ya batswadi.
Ha re ithute ka karohano, empa re ithuta ka dikamano le batho, jwalo ka lelapa, mokgwa wa thuto, dihlopha tsa dithaka tsa rona, ho bitswang hore ke phedisano le ba bang ho latela batho ba bang. Melawana, makgabane le ditlwaelo tsena tsa bophelo ke dintho tse laolang boitshwaro ba rona mme ke dintho tse etsang hore re kgethollwe, re putswe, re fuwe kotlo le ho kgothatswa. Metheo yohle ya setjhaba ha se e tsitlallelang boitshwaro bo botle kaofela ha yona. Bathong ba Afrika Borwa ba bang, ho na le metheo ya setjhaba e tsitlallelang boitshwaro bo bobe, e jwalo ka dihlopha tsa ditsotsi, di sebetsa ka dikgoka le ditshoso mme ke ka hoo ho leng boima ho di fetola. Re fetola makgabane ana karolo ya bophelo ba rona ka mokgwa wa phedisano le batho ba bang. Ho na le monyetla wa nnete tabeng e reng makgabane a fumanehang ka tsela ya metheo e itseng le hona ho tiiswa ke metheo ena a na le moelelo ho feta mme a tshwarellwa le nako e telele, makgabane ao batho ba ithutileng ona kantle ho metheo ena le ho tiiswa a atisa ho nka nakwana ya ntho e etsang letsatsi feela, ha a na botebo mme ke a motsotswana feela. Lewa lefe kapa lefe, ha ho le jwalo, la ho tsoseletsa boitshwaro setjhabeng se tshwanang le sa rona, se leetong la tlhokeho ya toka e tlwaelehileng ho leba tokeng e hlonngweng ho latela molao wa motheo, se lokela ho ananela hore ho jwang hore batho ba ithute makgabane, mme ka lebaka leo, ba fumane mekgwa e ka lokisang dintho ka ho tshehetsa metheo eo e tswalang tsena. Kgodiso ya ngwana wa moshanyana ho la Afrika Borwa le ntshetsopele ya boitsebo ba botona, eo mehleng ya kgale e ne e hlaloswa ka ho tlala moya wa ntwa, ho ba le mosebetsi o motle, le ho ba le ?mosadi ya lokileng?, ke dintho tseo kaofela di hlokang hore di tadingwe ka leihlo le ntjhontjho ka morero wa ho di fetola.
Ha ho tehwa mohlala, metjha ya ditaba, e jwalo ka radio le theleveshene e ka sebetsa jwalo ka disebediswa tsa bohlokwa bakeng sa ho se fetole feela ditjhadimo le ho bopa makgabane a setjhaba, empa jwalo ka disebediswa tsa ntshetsopele le Tsoseletso ya Boitshwaro.
Ho feta mona, puo le botjhaba, ha di loheletswe ka hare ho lewa lena, di ka nyehela haholo kahong ya setjhaba eo boikemisetso ba yona e leng ho tjheseletsa mmoho merabe e mengata le ditjhaba naheng ya rona, le ho netefatsa khwalithi le tlhomphano ya banna le basadi. Mehopolo e fumanehang e le teng merabeng le ditjhabeng tse arohaneng, e matlafatsang tekano ya banna le basadi, mohlala, botshepehi naheng ya rona, mmusong wa rona, ha mmoho le matshwao a boemeding ba mmuso jwaloka moetapele kapa baetapele ba naha, Folakga ya Naha, diketsahalo tsa setjhaba le mekete ha mmoho le Pina ya Setjhaba, ke dintho tse lokelang ho ba le seabo sa bohlokwa merarong ya mananeo a bahasi.
Re boetse re hloka ho fumana tsebo e tebileng mekgatlong e amohetsweng ho latela molao wa motheo ya Afrika Borwa e thehilweng hodima bodumedi. Mokgahlelong ona, re na le Ma-Protestanta, Makatholike, Ma-Islam, Ba-SeJuda, Ba-SeBuddha le ba Tumelo ya Botjhaba ya
Ma-Afrika, hara tse ding. Tumelo, jwalo ka ha e tswa sebopehong sa yona sa mantlha, e bolela ?ho tlama? mme ditabatabelo tsa yona di tlisa moelelo le sepheo bophelong. Metheo e dulang e le ntho e le nngwe ha ho tehuwa mohlala, ke lelapa, kereke, thuto, basebetsi ba itlhophisitseng le mmuso. Tlwaelo ya boitshwaro ba setjhaba e keke ya arolwa metheong ena.
Tsene ke ntho tse ka sebediswang jwalo ka disebediswa ho tsamaisa molaetsa wa Mokgatlo wa Tsoseletso ya Boitshwaro. Mekutu e meng ya bohlokwa ke e sa sekamelang tumelong efe kapa efe e reretsweng ho hloma mokgwa o motjha wa boitshwaro setjhabeng sa rona.
Ho kgahlanong le maikutlo a ka hodimo hore tshebetso ena e tadingwe. Le ha ho le jwalo, ke ntlha ya bohlokwa ho lemoha hore makala a mmuso a fapaneng a se a kene mananeong a shebaneng le dikarolo tse ikgethang tsa Tsoseletso ya Boitshwaro, jwalo ka karolo e ka tlase.
MEKUTU YA MMUSO YA HONA JWALE LE E KA NNANG YA ETSWA
TABENG YA TSOSELETSO YA BOITSHWARO
Ditaba tse ngata di se di kene lenaneng la ditaba tse lokelang ho tshohlwa ke mmuso karolong ya Tsoseletso ya Boitshwaro ba setjhaba sa rona. Dintlha tse ikgethang tseo ho seng ho ntse ho tebisitswe maikutlo ho tsona di kenyeletsa:
Matlafatso ya lelapa jwalo ka mokgwa o tsamaisang ditabatabelo tse fuperweng metheong ya rona eo eleng hona e hlahelang;
Tshehetso ya mmuso ya mekutu ya ditumelo tse tsamaelanang tse reretsweng ho bopa botjha kgare ya boitshwaro ba setjhaba sa rona;
Mekutu e tobisitsweng dikolong le dibakeng tsa dikolo tse phahameng tsa thetjhiari;
Mekutu ya dipapadi le boithapollo;
Ba lefapheng la bokgabo, botjhaba le saense; bofalledi le basebetsi;
Mekutu ya kaho ya setjhaba;
Toka e lokisang e reretsweng ho tlisa pheko qhwebeshanong ya phofu le motlodi wa molao kapa mmaki wa ditaba le ho kenya letsoho thibelong ya tlolo tsa molao;
Tshokollo ya batlodi ba molao le ho busetswa ha batlodi ba molao ka hare ho baahi hape.
Ke taba ya bohlokwa ho lemoha hore le ha mekutu e boletsweng ka hodimo e rarolla ditaba tse ikgethang tsa Tsoseletso ya Boitshwaro, mohopolo wa mmuso ke wa katamelo e kopaneng e reretsweng ho sebetsana le Tsoseletso ya Boitshwaro, ka morero wa ho fana ka moralo o latelanang le o tshwanang ao ka ona letoto la mesebetsi le ka utlwisiswang le ho latela moelelo wa teng.
Malapa
Malapa a Afrika Borwa a fetohela dibopehong tse ding tse fapaneng ? motswadi o se a le mong, e ba a meloko e mengata, ditarasi, a okametsweng ke batjha, a amohelang bana bao eseng ba bona le ho ba abatswadi ba bana bao eseng ba bona. Ha ho na lelapa le nang le ditabatabelo. Malapa a itlhalosang ka bowona ke dihlopha tsa mantlha tseo ditho tsa ona di itshetlehileng ho tse ding, malapa ana a ikemiseditse ho etsa boitlamo ba nako e telele ho a mang. Boikarabelo ba mantlha ba malapa ha se feela ho rua bana le ho hodisa banana le bashanyana, empa ke ho hlokomela le ho tshehetsa ditho kaofela. Malapa a hlokomelang le a fanang ka tshehetso a loketse bohle. A kgothaletsa bophelo bo botle ba masea, bana le ho kenya motjheng bana ba dilemong tsa borwetsana le bohlankana, ho kgothaletsa boiphihlelo sekolong, tlhahiso mosebetsing, bophelo bo botle ba kelello, bophelo bo botle mmeleng le hore batho ba baholo ba tshwarelle nako e telele, maqheku a be le seo ba se etsang le bophelo ba khwalithi, ho kena mesebetsing ya setjhaba le ya baahi, le kgothaletso ya dikatamelo tsa tharollo ya qhwebeshano.
Malapa a tshehetsang le ho hlokemela a fokotsa mojaro wa tlhokomelo o lokelang ho wela mmusong ha malapa a hloleha ho hlokomela bana ba hlokang tlhokomelo ha mmoho le batho ba baholo. Afrika Borwa e na le palo e hodimo ya malapa a sa sebetseng hantle. Mona ho kenyeletswa malapa ao, ka lebaka le leng le itseng, a sa hlokomeleng kapa hona ho tshehetsa ditho tsa malapa a bona, ho kenyeleditswe ditho tse hlokang tlhokomelo (jwalo ka bana ba itshetlehileng ho batswadi ba bona, batho ba tsofetseng, basadi le ditho tsa malapa ba qhwadileng). Ho feta mona malapa a ka nna a ba le motho kapa batho ba nang le mathata a matla a kelello, a mmele kapa a phedisano a tshosang bophelo bo botle ba malapa a bona le ditho tse ikemetseng di le ding tsa lelapa, jwalo ka mohlala wa tshebediso e fosahetseng ya dithethefatsi.
Ho tsebahala tse ngata ka malapa le batho ba hahisaneng le ona ha mmoho le tshusumetso ya tswakano ya bona baneng le batjheng. Ho boima hore malapa a sebetsang hantle hore a ntshetse pele phedisano e ntle le boiphihello baneng ha malapa a phela hara bahahisani ba malapa a sa sebetseng hantle. Ka ho tshwana, bana ba tswang malapeng a phelang hara bahahisani ba fanang ka tshehetso ba sebetsa hantle ho feta ka moo ho neng ho lebeletswe ka teng.
Mosebetsi o neng o eteletswe pele ke Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba, o tseleng ya ho hlahisa leano la lelapa. Lefapha le ka boela la fola molemo ka ho hlahloba tlwaelo e hlwahlwa ya matjhaba {Mmuso wa New Zealand o na le komiti ya kopano ya matona e matlafatsang malapa mme ho na le Morero wa Amerika wa Malapa a Itlhophereng, ele mehlala}ya merero e radilweng ho matlafatsa malapa a sa sebetseng ka ho phethahala. Ba boetse ba ka lekola le taba ya ho tshehetsa ka ditjhelete metheo eo eseng ya mmuso e nehelanang ka tlhokomelo e loketseng, le ho etsa hore ho be le kamano e teng pakeng tsa bana le bo-Ntata bona ba siyo ka lebaka la karohano ya molao ya lenyalo kapa karohano feela, le merero e meng e jwalo e metjha ele ho arabela bohlokong bo amanang le malapa a senyehileng. Morero o simollang, oo eleng ona mokgatlo o ikgantshang ka ona, o ka sebedisetswa ho etsa mekutu e tshwanang le Morero wa Amerika wa Malapa a Itlhophereng mona Afrika Borwa.
Ntle le tlhokeho ya ho rarolla mathata a amanang le malapa a sa sebetseng hantle, phephetso e dula e le teng ya ho ntshetsa pele malapa a sa sebetseng hantle le metheo e meng ya phedisano e reretsweng ho nyehela tabeng ya ho theha baahi ba ka hlokomelang ditokelo tse fuperweng ke Molao wa Motheo.
Mekutu ya ditumelo tse kopanetsweng le ya bodumedi
Mekgatlo ya bodumedi ke mekgatlo ya boemedi feela phedisanong eo mosebetsi wa yona wa mantlha e leng ho fana ka tlhaloso le ho tjhorisa dipuisano tsa boitshwaro le makgabane a phedisano. Ba etsa dintho tse ngata, mme nnete ke hore ba entse dintho tse ngata tse tshabehang, mme sena se ile sa kgannela setsebi sa dipolotiki tsa Senyesemane Thomas Paine hore a lemohe hore:
Ditlhoriso tsa batho ka lebaka la ditumelo tsa bona ha se lekgetholli la sethathong la tumelo efe kapa efe, empa ka dinako tsohle ke lekgetholli le matla la molao wa ditumelo kaofela kapa la ditumelo tse thehilweng ka molao?
Ka lebaka lena, ho latela molao wa motheo, kereke, mosque kapa synagogue di arotswe ho mmuso ka selemo sa 1995, ka lehlakoreng le leng le ka lebaka la kamano e teng ya bokgopo dipakeng tsa ditlwaelo tsa mmuso wa kgethollo le Kereke ya Dutch Reform ya Afrika Borwa, ke yona ntho e etsang hore ho se ke ha ba le tumelo e tsheditsweng ke mmuso. Demokrasing e nngwe le e nngwe ho arolwa ho matla dipakeng tsa matla a taolo ya mmuso le dibaka tsa boitshwaro e nepahetse mme e loketse ho etswa.
Ka hoo, mmuso leweng la ona la ditabatabelo o keke wa kgothaletsa kapa wa kgetha tumelo e nngwe kapa motshwako ofe kapa ofe wa ditlwaelo tsa tumelo. Diteko tsa ho bontsha ho kgetha lehlakore le itseng di tla be di sa tsamaelane le molao wa motheo mme dipolotiking ha di sebetse hantle, ebile di nyedisa botsitso ba setjhaba le kutlwano ya ditumelo. Mmuso, le ha ho le jwalo, o ka kgothaletsa tlhaloso tsa ditumelo kaofela tse matlafatsang kutlwelano, tekano, kgotso, le boitlamo ba setjhaba sebakeng sa ditlhaloso tsa ditumelo tse fokolang, tse tehelang ba bang ka thoko, tse kgothaletsang ho se utlwelane le boshwelatumelo.
Seo mmuso o ka se etsang ke ho tshehetsa mekutu ya ditumelo tse sebeletsanang tse kgothaletsang metheo ya molao ya motheo wa kutlwelano, poelano le molawana wa molao sebakeng sa setjhaba, setjhabeng se nang le ditumelo tse kgolo tse fapafapaneng jwalo ka letlotlo la motheo wa botjhaba ba rona.
Ena ke ntlha ya bohlokwa ka ho ikgetha ka morao ho ketsahalo ya lefatshe ya mohla la Loetse ya la 11, moo qhwebeshano le ntwa ka Leboya di hlahiswang e le tsa bodumedi mme hona ho pukutla le ditlwaelong tsa ditumelo tsa rona le dikereke tse fapafapaneng ka ditsela tse sa jeseng ditheohelang, le ka mekgwa e kgukgunang. Dipuisano tsa setjhaba ka ditumelo tsa kopanelo le boithuto ba mahlakore a mabedi ka se bolelwang ka ?boferekanyi?, ?toka? le ?dintwa tse se nang toka?, ho mpipetsi e teng dipakeng tsa dintho tse lokelang ho etswa ho latela tumelo le molao wa motheo, le qhwebeshano dipakeng tsa mebuso ya naha e phethahetseng le boitshwaro ba ditaba tsa dinaha tsa kantle tlasa morero ona wa ho kopanya lefatshe, ha se ntho e tla ruisa feela dipuisano tsa setjhaba empa ke ntho e tla ntshetsa pele boitlamo ba boitshwaro ba boetapele ba bodumedi ho fihlela kgotso, mamellano, le ho etsa dintho ho latela molao wa motheo boitshwarong ba poraefete le ba baahi ba setjhaba.
Mosebetsi ona ho hopolwa hore ke wa Khomeshene hore e bone hore ho na Kgothaletso le Tshireletso ya Ditokelo tsa Botjhaba, tsa Ditumelo le Ditjhaba tsa Dipuo kapa bahlokomedi ba teng, eleng Lefapha la Provense le Mmuso wa Selehae.
Dikolo le dibaka tsa thuto e phahameng ya thetjhiari
Lefapha la thuto le ile la thakgola mekutu ya hore ho be le makgabane thutong selemong sa 2000 mme la phatlalatsa sephetho sa lona Mohoong wa Makgabane, Thuto le Demokrasi ka Phato 2001. Mohoong ona ho fumanwe le ho tshohlwa makgabane a leshome a molao wa motheo le mawa a leshome le metso e tsheletseng hore a ntshetswe pele.
Lenaneo la dithuto la 2005 le hlophisitsweng botjha le kenyeleditse le sephetho sa sehlooho sa mekutu ya boitshwaro dibakeng tse ntjha kapa tse ileng tsa lekolwa botjha tsa thuto. Bolaodi bo bitswang Botjhaba le Makgabane bo ile ba thehwa Lefapheng mme lenaneo le bapatsang makgabane le matshwao a rona a naha esale le sebetsa ho tloha ka 2001.
Phephetso ke ho rarolla ditjhadimo tsa kgethollo ya bong ka mokgwa wa thuto ya molao, le ho netefatsa hore dibaka tsa thuto, jwalo ka metheo ya bohlokwa ya phedisano, e ka ba le nyehelo ntshetsopeleng ya bana ba batona hore e be banna ba nang le kutlwelo ya bong, ba hlomphang seriti sa basadi le tekano ya bona, ha mmoho le hore e be batho ba nenang dikgoka tse sebediswang kgahlano le basadi le bana ekasitana le bonwamadi.
Morero wa Histori ya Naha o hlomamisitswe, mme mosebetsi wa teng ke ho hlahisa theepa ya histori e ntjha, ho tshehetsa thuto ya histori le dibaka tsa rona tse fanang ka thupelo matitjhereng a histori.
Le ha ho dula ho na le sebaka sa ntlafatso le mekutu e metjha boemong ba sekolo, mme le ha tharollo ya dikolo tse sa sebetseng hantle e eso fumanehe boemong ba provense, morero wa makgabane o motjheng o motle, mme o na le matla a mmuso.
Lefapha la Thuto le tla be le sebeditse hantle ha le ka atolosetsa mekutu ya lona ya makgabane karolong ya thuto e phahameng ya thetjhiari, mohlomong jwalo ka morero oo ho ka ikotlwang sefuba ka ona lefapha le tshware Seboka sa Naha se mabapi le Puso le Makgabane bakeng sa karolo ya thuto e phahameng ya Afrika Borwa.
Dipapadi le boikgathollo
Batho esale ba ntse ba na le tsela ya ho bapala ka mokgwa o mong o itseng. Le ha ho le jwalo boiketlo le dipapadi ke ntho ya sejwalejwale, ntlheng ena ya dipapadi di-indastri ke tsona tse ileng tsa qapa ?nako ya boiketlo?, metsotso ya ho se etse letho e hlokang hore e tlatseletswe ka ho hong.
Ho bala e ne e tla ba ntho e lokileng ho feta ho se etse letho, mohlomong le radio, hobane ke ntho tse tlisang phephetso ya monahano, empa theleveshene ka kakaretso e batla e kenya botswa, ha e na phephetso ya kelello. Mananeo diteishene tsa theleveshene a lokela hore a ke a tjhoriswe hape hore a suthiswe ditshwantshisong, letotong la ditlolo tsa molao le ditshwantshisong tse nang le dikgoka, mme e tobe mananeong a fanang ka thuto kapa a kgothaletsang makgabane a boitshwaro bo botle le nnete.
Dipapadi le tsona e ne e tla ba ntho e ntle, hobane di hloka matla a itseng, di tlisa monyaka le bophelo bo botle, di tshela meedi ya puo le botjhaba, di fana ka mokgwa wa puisano o tshelang meedi, ho theha sebaka se thahasellwang ke bohle le moya wa kgotso, mme di na le bokgoni ba mamellano, tshepo, tlhompho le phedisano e hohellalang ba bang ho ba bang.
Dipapadi di boetse di na le melawana ya tsona ya ho sebetsana le tsona, papading sehlopha, ka dinako tsohle ho hlokeha hore motho a be sedi ka tekano e tshwanetseng dipakeng tsa boiphihlelo ba sebapadi bonngweng ba sona le sepheo se kopanetsweng sa sehlopha. Qetellong, ke sebaka sa bohlokwa moo dipapadi tse ratwang ke baahi ba rona ba batjha di ntshetswang pele le moo setshwantsho sa kaho ya setjhaba se bonahalang teng ha mmoho le ho keteka seo Presidente Thabo Mbeki a ho bitsang ?boikgantsho bo botjha ba setjhaba? ho ka etsahalang, ka pele ho dimilione tsa babohi.
Dipapadi dikolong ke ntho e nngwe, ka diphephetso tsa yona mabapi le mehlodi, ho arolelana menyetla le phetoho. Dipapadi kantle ho sekolo, le dipakeng tsa dihla tsa nako ya sekolo, e boetse ke ntho e nngwe hape. Dipapadi tse hlophisitsweng kantle ho nako ya molao ya sekolo di nehelana ka monyetla ho ba kenang sekolo ha mmoho le batjha ba sa sebetseng ba lokelang hore e be ba kena sekolo empa ba sa kene sekolo, bao ditlolo tsa molao di ba kgahlang habonolo hobane ba hloka ntho eo ba e etsang.
Dibopeho tse ding tsa boithapollo, haholo moo batho ba teng ba haellwang ke menyetla ya boithapollo le mehlodi, di lokela hore di kgothaletswe ka teko ya ho lwantsha tshebediso e mpe ya dithethefatsi le dihora tseo batho ba di qetang ba le jwaleng dishebining jwalo ka ha dibaka tsena di fetohile dibopeho tse hlahetseng ka mahetla tsa boithapollo.
Dilemong tsa bo 1960 le tsa bo 1970 ho ne ho na le mokgatlo o bitswang ?Veld & Vlei? o neng o hlophisa menyetla ya ho tswa letsholo la ho ya khempa e le moo ho neng ho sebetswa ka matla ebile ho na le monyetla wa boikwetliso ba mmele bo hlwahlwa haholo dipakeng tsa dinako tsa dihla tsa sekolo. Tsena di seke tsa tswakwa le ?Veldskole? tsa bo selemo sa 1980 tseo ka tsona batjha ba neng ba susumetswa ho tshehetsa mohopolo o ikgethang wa dipolotiki. Sebaka se tjena sa morao tjena sa mofuta wa ?Veld & Vlei? ke ?Outward Bound?, e leng e hohle lefatsheng ka tokelo ya selehae, ho kenyeleditswe le ya Afrika Borwa eo diahelo tsa yona di fumanehang Knysna.
Lefapha la Dipapadi le Boithapollo le ka lakatsa ho sheba ?Outward Bound? le mekgatlo ka sepheo sa ho nehelana ka thuso ya tshehetso ho dihlopha tse lokelang tsa Ma-Afrika Borwa a matjha, e le hore ba tle ba kgone ho tlatsa sekgeo sa bona sa boithapollo ka tsela e nang le moelelo ya boikwetliso ba mmele bo tla ba le sephetho se nkang nako e telele bakeng sa boikitlahetso ba makgabane ana le tshebedisano ya sehlopha. Dipapadi tse jwalo tsa boithapollo di ka kenya letsoho kahong ya boitshwaro ba tikoloho bo tshwanetseng hore e be ke karolo ya Tsoseletso ya Boitshwaro.
Bokgabo, botjhaba le saense
Tatello ya phethahalo ke tabatabelo ya ditjhaba tsohle tse atlehileng. Ka ho ikgetha, phethahalo ya bokgabo le saenseng ke sona seo eleng mohopolo wa sehlooho oo ditjhaba di batlang ho ipona di o emela. Ha se ntho e bonolo, hore jwalo ka letswantle, o tlohe Chile ntle le ho ba le mohopolo o tebileng ka Pablo Neruda ya setjhaba sa moo. Hape se tshwanang le seo ke mmino wa Jean Sibelius o bontshang setshwantsho sa batho ba Finland mme ona ha o lebalehe jwalo ka matsha a moo ka bowona. Nyehelo e matla ya borasaense ba Majeremane ntshetsopeleng ya diphetoho tsa thuto ya mahlale a fisikse dilemokgolong tsa bo mashome a mabedi, le ha bongata ba tswelopele tsena di ile tsa etsahala haufi le dilemong tse lekgolo tse fetileng, empa sena se ntse se duma ka dihloohong tsa Majeremane ka matla le hona jwale.
Se etsang Ma-Afrika Borwa hore a be boemong ba lefatshe ha se feela bokgabane ba taolo ya bona, empa ke seabo se akaretsang lefatshe seo ba nyehelang ka sona le mefuta ya teng. Ka hona ha ba emele feela makala a bona empa ba emela le dinaha tsa habo bona; ke maqosa a rona lekaleng la bokgabo, botjhaba le saense lefatsheng. Ba sebetsa jwalo ka batho ba matla bao batjha ba Afrika Borwa ba nkang mohlala ho bona ebile ba lakatsa ho tshwana le bona, ke bona dikgohedi tsa tabatabelo tsa botjha. Ntho e nngwe hape e tshwanang le eo haeba e sa e fete ka boemo, ho semathi se babatsehang, Ma-Afrika Borwa ana ha ananelwe ka mokgwa o jwalo, mme ha ba tshehetswe ho lekaneng nyehelong tsa bona tsa boqosa boo eseng ba molao. Letsholo le sa tswa tshwarwa haufinyane la Keteka Afrika Borwa la London le ile la bontsha nyehelo e matla eo Ma-Afrika Borwa a jwalo a ka bang le yona papatsong ya Afrika Borwa lefatsheng.
Lefapha la Bokgabo, Botjhaba, Saense le Theknoloji le ka nna la lakatsa ho lekola taba ya ho bokella sesiu sa lesedi la bokgabane ba Afrika Borwa bononong le saenseng ekasitana le ho hlahisa lenaneo la boemo bo hodimo la dikgau tse tlang ka bonngwe ? bonyane, dikgau tsa boemo ba letona ? ho ananela ba ileng ba sebetsa hantle ho feta selemong se seng le se seng, banna le basadi, ba batsho le ba basweu. Lefapha mohlomong le ka nna la kopa diyunivesiti hore di phehisane ka taba ya hore ho hlomamiswe setulo se tla sielanwa ka kutlwisiso ya setjhaba ya tshebetso e hlahetseng ka mahetla dithutong tsa disaense, jwalo ka setulo se neng se dutswe ke Richard Dawkins Yunivesiting ya Oxford.
Batho bao eseng ba Afrika Borwa, ho kenyeleditswe le Ma-Afrika ao eseng a kwano, ba tlileng kwano jwalo ka baphaphathehi kapa bafalledi, ba na le boemo ba molao ho latela molao wa matjhaba wa selehae, ekasitana le bao ba tlileng kwano ntle le molao ba kgona ho fumana tshireletso e itseng ka molao. Baphaphathehi ba molao le bafalledi ha ba na tokelo feela ya hoba kwano, empa ba lokela hore ba amohelwe jwalo ka batho ba nang le nyehelo botjhabeng ba rona le moruong wa rona, hobane seo ke seo ba se etsang. Ma-Afrika Borwa a lebetse ka tshehetso ya matjhaba e ileng ya thusa tokolohong ya naha ena le e fileng batho ba bangata bodulo ba neng ba le kgolehong kantle ho Afrika Borwa, ke ka hoo le rona re tlamehang ho otlollela letsoho le jwalo le ho amohela batho bao eseng ba Afrika Borwa ba teng kwano naheng ena ka molao.
Dinaha tsa bofalledi tse kang Amerika di fa baphaphathehi ba tsona ba moo ka molao ha mmoho le bafalledi menyetla ya molao ya hore ba ithute puo ya bona ya molao, histori ya naha ya baahi le ya molao wa motheo, mme e fana le ka tshebeletso e thusang batho bana ho fumana matlo, le ho fumanela bana ba bona sekolo, le hore ba fumane ho ka fihlella ditshebeletso tsa banka le tse ding tsa bophelo. Australia e fana ka menyetla e jwalo le yona, eseng hobane e le ntho e nepahetseng eo ba e etsang, empa e le hobane ba tswakella le ho kenyeletsa botjhabeng ba setjhaba sa bona, batho bao eleng bafihli botjhabeng ba bona, ditabatabelo tsa bona, makgabaneng a bona le ditseleng tsa bona tsa mekgwa ya phedisano ya setjhaba sa bona, mekgwa ya hore ke bo mang, ba ntse ba fapane le ha ho le jwalo ho boetswe ho bolokwa le mokgwa wa mofuta wa mofuta o itseng wa botjhaba ba ditjhaba tse fapafapaneng tse ngata.
Batho ba hlokang boikemelo ba molao Afrika Borwa ba keke ba amohela ditshebeletso tse jwalo. Lefapha la Mesebetsi {ka tshebedisano mohlomong le Lefapha la Ditaba tsa Lehae} a ka nna a labalabela ho lekola tlwaelo tse hlwahlwa tsa matjhaba tabeng ya ho fana ka ditshebeletso tsa bofalledi le tsa bophaphathei le ho feta moo, ka morao ho tekolo e itseng, ho thuswe ka tjhelete mekgatlo eo eseng ya mmuso e tshwanetseng le e nang le tsebo e loketseng e tla fana ka ditshebeletso tsena tse kopanetsweng tsa kaho ya setjhaba molokong o mong le o mong wa batho ba fihlang botjha.
Makgabane a setjhaba
Dilemong tsa qetelo tsa ho lwanela puso ya demokrasi di ile tsa tlisa diphetoho tse kgolo ditjhabeng. Ka lehlakoreng le leng, sebete seo baetapele ba setjhaba le sa baahi ba tlwaelehileng se ne se le tekong ya matla a Mmuso wa Kgethollo. Ka lehlakoreng le leng, ditho tsa setjhaba di ne di phephetsa matla a baetapele ba setjhaba, haholo a ditho tse ntjha, tse ileng tsa ikutlwa hore ha di hlile ha di hlasele mokgwa wa puso ka bohale bo lekaneng. Ho ile ha ba le ponahalo e fosahetseng ya dibopeho tse ngata tsa taolo, ho tloha ho sepolesa ho fihlela ho marena le ho fihlela ho baetapele ba setjhaba ekasitana le ho dihlooho tsa malapa. Sekgeong sena se neng se le teng sa taolo, se neng se tlatsitswe hanyenyane ke maemo a fapaneng a boetapele ba dipolotiki, ho ile ha kena letoto la ditlwaelo tse ding tse fosahetseng tse nyenyane. Ditjhabeng tse ding ditlwaelo tsena tse nyenyane di ile tsa nnile tsa haswa nakong ya dilemong tse mashomeshome. Dihlopha tse tswang setjhabeng tse kang maqulwana a itseng a dikebekwa di ile tsa amohela matla le taolo ditjhabeng tse jwalo mme tsa hlahisa mokgwa wa boitshwaro bo sa amoheleheng. Nthong e ka etsang dilemo tse leshome ka mora puso e ntjha ya demokrasi mmuso o motjha o ntse o sebetsana le mathata ana a ileng a salla morao.
Ho hlakile hore ditjhaba tse sa hlophisehang hantle le tse hlokang mekgwa e hlakileng hantle ya taolo, boitshwaro, mekgwa ya boikarabelo le ya ho amohela boikarabelo, di fana ka monyetla wa ditlolo tsa molao. Ditlwaelo tse fosahetseng tse jeleng setsi tse tsohang nakong ya tlhokeho ya tlhophiso e ntle le tlhokehong ya tekano ya moruo e fana ka dikgopolo tsa ditlolo tsa molao. Tshebediso ya dithethefatsi e nehelana ka monyetla wa ditlolo tsa molao. Mokgwa wa nakong e fetileng o sa phethahalang wa tsamaiso ya toka ditlolong tsa molao ho ka sokolla ba tlotseng molao, ho tiisa hore ha ba kgutlela hape bophelong bo lokileng ba phedisano ya setjhaba le ho thibela taba ya hore ba iphumane ba tshwasehile diketsong tsa tlolo ya molao hape, hobane ntho eo ke yona e etsang hore sedikadikwe sa tlolo tsa molao se dule se tswela pele ho ya ho ile.
Ka hoo, mananeo a ho busetsa madulong makgabane a setjhaba le ho tiisa dikarolo tse nepahetseng tsa makagabane ana a lokela hore a behwe kahare ho motheo o kopantsweng wa Lewa la Ntshetsopele ya ka dinako tsohle ya Metse eo eseng ya diteropo le Lewa la Ntjhafatso la Metse ya diteropo. Lefapha la Puso ya diprovense le ya Selehae, ka thuso ya mafapha a nkgang lefotha thibelong ya ditlolo tsa molao ya phedisano, e tla ba sebaka se loketseng moo mananeo a mofuta ona a ka hlongwang teng. Ha baetapele ba baahi, marena le baetapele ba ditumelo ba ka ba le nyehelo mona, e tla ba ntho ya bohlokwa e le ruri.
Tshebeletso ya Setjhaba le Tsamaiso
Bahlanka ba Setjhaba ba tobana le maemo a fapafapaneng ao ho ona ditaba tsa boitshwaro le taolo di hlahang. Setjhaba se lebeletse hore ha ho dihuwa kahlolo, bahlanka ba setjhaba ba tla hlahisa boemo bo hodimo ba boitshwaro ba sebele le tekolo ya se tsotellwang ke setjhaba, ho kgothaletsa makgabane a fuperweng ke Molao wa Motheo le Metheo ya Batho Pele.
Khomeshene ya Tshebeletso ya Setjhaba ka kananelo ya sena, e ile ya phatlalatsa Khoutu ya Boitshwaro ya Bahlanka ba Tshebeletsong ya Setjhaba selemong sa 1997, e hopoletsweng ho sebetsa jwalo ka motheo oo ho tla itshetlehwa ho ona bakeng sa ho kgothaletsa boitshwaro bo loketseng Tshebeletsong ya Setjhaba. Nakong ya ha ho ne ho ngolwa tokomane ena Bukana e nang le tlhaloso ya Khoutu ya Boitshwaro ya Tshebeletso ya Setjhaba e ne e se e ntse e le mathuleng a hore e phatlalatswe. Bukana ena e lebeletswe hore e matlafatse kutlwisiso le ho etsa monyetla wa phethahatso ya Khoutu ya Boitshwaro.
Toka e lokisang le tshokollo
Mosebetsi wa sehlooho wa Tshebeletso tsa Lefapha la Tshokollo ya batshwaruwa ke Tsoseletso ya Boitshwaro ka tsela ya tshokollo. Le ha tshekamelo ena e le e batlang e le ntjha, e qadile ho nka boemo ba sehlooho nehelanong ya tshebeletso ya tshokollo Afrika Borwa. Mananeo kaofela a lefapha a radilwe ka ho ikgetha ho tshehetsa tsoseletso ya boitshwaro bakeng sa bao ba ileng ba kgeloha mekgweng e amohelehileng ya boitshwaro setjhabeng. Hona ho supa ho sutha ho hoholo mokgweng wa pele, ditjhankane di tloswa boemong ba ditsha tse fanang ka kotlo ho di fetola dibaka tsa boemedi tsa ho lokisa boitshwaro le ntshetsopele ya moya. Mosebetsi ona o etsetswa monyetla o jwalo ke Lefapha mme o ntshetswa pele ka tshebedisano le baahi setjhabeng ekasitana le dikarolo tse ding tsa mmuso.
Katamelo ena e ntjha e tswalwa ke ho hlokomela hore ho hlokeha mekutu e meholo ya ho katla kgolo ena eo eseng ya dipalopalo feela, empa e le ya matla le sebopeho sa dikgoka sa ditlolo tsa molao tse bang teng. Tshebeletso ya Lefapha la Tshokollo ya batshwaruwa e simolla tabeng ya hore ho fapana le tumelo e tlwaelehileng ya hore batlodi ba molao ke karolo ya mawala ohle a etswang a ho fedisa ka hohlehohle ditlolo tsa molao setjhabeng. Re lokela ho ba sokolla, re ba kgothatse ka makgabane a nepahetseng le ditabatabelo tsa setjhaba mme re ba dumelle ho ba le nyehelo e utlwahalang kahong ya setjhaba.
Tshokollo ya batlodi ba molao, jwalo ka thibelo ya ditlolo tsa molao ya sepheo sa nako e telele, ke yona taba ya bohlokwa ya mananeo a Lefapha la Tshebeletso tsa Tshokollo ya batshwaruwa, a tsheheditsweng ke Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba mohatong wa ho kopanya tshokollo. Mokgwa ona wa katamelo ena o nkile sebaka sa mokgwa wa katamelo ya kotlo e neng e toboketsa ?ho kwalla batshwaruwa?. Tshokollo ke mokgwa wa katamelo e makalakala ya ditlolo tsa molao o kenyeletsang mooko o fapafapaneng ka ditsela tse ngata. Thuto, ho tjhorisa, ho ithuta mosebetsi wa matsoho, ho fa motshwaruwa lesedi la boitshwaro le la moyeng, kgolo le ntshetsopele ya kelello, ntshetsopele ya botho ba motho le tokisetso ya ho lokollwa tjhankaneng, ke a mang a makala a lenaneo la tshokollo. Mokgwa ona wa katamelo ena o tsepamisa maikutlo ka ho ikgetha tabeng ya hore ho thehwe tikoloho e tla dumella boitshwaro kapa boitaolo, boitshetleho bathong ba bang, tshehetso e tswelang pele ya lelapa le setjhaba, ha mmoho le hore motshwaruwa o fumane sebaka sa ho busetswa hape kahare ho setjhaba.
Mokgwa wa katamelo ya Toka ya Tokiso, oo haufinyane o ileng wa thakgolwa ke Mmuso ho matlafatsa mokgwa wa toka ya ditlolo tsa molao le mananeo a tshokollo, ke sesebediswa se seng hape sa Tsoseletso ya Boitshwaro setjhabeng sa rona. Katamelong ena, le kgetlong la pele historing ya Afrika Borwa ya mokgwa wa Toka wa Ditlolo tsa molao, diphofu di kgubung ya tharollo ya tlolo tsa molao. Ona ke mokgwa o mong oo Mmuso le mafapha a mokgwa wa toka ya tlolo tsa molao o lekang ho fodisa maqeba a tlolo tsa molao le ho sebeletsa setjhaba se bolokehileng.
BOIKEMISETSO BA SEBOKA SA TSOSELETSO YA BOITSHWARO
Ho na le maikemisetso a ikgethileng ao seboka se lakatsang ho a fihlella. Ona ke ho:
Nehelana ka monyetla wa ho fuputsa boemo ba nakong e fetileng le ba hona jwale ba koduwa ya boitshwaro Afrika Borwa;
Tadima mawa le mehato ho tsoseletsa makgabane a phedisano a demokrasi e ntjha Afrika Borwa;
Nehelana ka monyetla wa ho phuthulloha ha mokgatlo o sa tsitsang wa batho ba bangata ho thusa le ho tshehetsa mmuso ? mekutu e nkuwang ke baahi setjhabeng ho rala mohato wa lenaneo le sebetsang hantle la ntjhafatso ya boitshwaro ba setjhaba sa rona;
Rala mananeo a matla a mohato wa letsholo la Tsoseletso ya Boitshwaro e tla ba teng ho ya ho ile;
Ho kgothaletsa letsholo la naha la hore ho qatjwe setjhaba se nang le boitshwaro, se tsotellang le se sa sebediseng bomenemene;
Matlafatsa metheo ya tokoloho e fumanweng ka thata le demokrasi ka ho haha setjhaba se nang le boitshwaro bo matla, bo thehilweng hodima khoutu ya bohle ya boitaolo le boitshwaro;
Sephetho se rerilweng:
Ho hlahisa mohato wa mananeo a naha a tla abelwa sebaka sa bohlokwa haholo lenaneng la ditaba la naha nakong e mahareng.
Ho amohela lewa le tla susumetsa boraditaba ho kenya letsoho seabong sa bohlokwa sa ho arolelana molaetsa wa Seboka le baahi ka kakaretso.
Ho theha lenaneo le sekametseng selekaneng se tla kenyeletsa seabo se hoketsweng le se tla fana ka seabo se batsi sa baahi setjhabeng, le kgwebong tsa poraefete le tsa setjhaba.
Ho rala mawa a kenyeletsang dintho tsohle a thehilweng hodima sebopehong se makalakala sa ditaba tsa bohlokwa tharollong e tshwarellang ya ho fedisa mathata a setjhaba le a moruo setjhabeng sa rona.
THAROLLO TSE HOPOTSWENG TSA SEBOKA
Ho ikakgela mananeong a mmuso a batsi a ng le makala thutong, taolong ya boitshwaro mmusong, toka e sebetsang le e sokollang ya batlodi ba molao, le tshireletso ya setjhaba, e tla behwa boemong ba bohlokwa haholo nakong e mahareng.
Hore baamehi kaofela, eleng mmuso, kgwebo le mosebetsi, ha mmoho le baahi setjhabeng, ba amohela mohato wa lenaneo le nang le dintlha.
Ho amohela lewa le tla ba le tshusumetso ho boraditaba hore ba be le seabo sa bohlokwa karolelanong ya molaetsa wa Seboka le baahi ka kakaretso.
Ho theha lenaneo le sekametseng selekaneng se kenyeletsang seabo se batsi le se hokantsweng sa baahi setjhabeng, ha mmoho le kgwebo tsa poraefete le tsa setjhaba.
Ho theha mekgwa ya tlhokomelo ho etsa bonnete ba hore diqeto tsa Seboka di a phethahatswa.
DINTLHA
